Email This Print this page More...

Dintho Tse Bakang Tshilafatso Dinokeng

 languages This article is available in: English | Afrikaans | Sotho | Zulu

Dintho tse bakang tshilafatso ya metsi di ka arolwa ka dihlopha tse pedi tse kgolo – dikokwanahloko le dikhemikhale. Dikokwanahloko ke dikokwanyana tse nyenyane tse bakang bolwetse bo jwalo ka malaria, kholera le bilharzia mme dikhemikhale ke ditjhefo, tseo bongata ba tsona di hlahiswang ke diindasteri.

1. Dikhemikhale tse ka Bang le Tjhefo Metsing a Nokeng

Dikhemikhale tsa tlhaho di fumanwa hohle tikolohong. Ka bomadimabe, tse ngata tsa dikhemikhale tse hlahiswang ke diindasteri ha di fumanwe ka tlhaho tikolohong kapa di fumanwa feela ka palo tse nyenyane haholo. Tshebetso tse fapaneng tsa diindasteri di hlahisa mefuta e fapaneng ya dihlahiswa le dihlahiswa tsa matlakala. Ka bomadimabe diindasteri tse ngata di ntshetsa dihlahiswa tsa tsona tsa matlakala ka ho otloloha dinokeng e be di etsa hore di kene metsing a tlase. Dikhemikhale tsena di na le tjhefo bakeng sa dimela, diphoofolo le batho. Mehlala e meng ya tsona ke e latelang:

Dibolayadikokwanyana 

Dibolayadikokwanyana ke dikhemikhale tse nyanyatswang dimeleng ho bolaya dikokwanyana tse jang dimela. Se seng sa dibolayadikokwanyana tseo ho nang le maikutlo a fapaneng ka sona ke DDT. DDT e ne e sebediswa dimeleng ho laola menwang ya malaria mona Afrika Borwa. Ha e le tekanyong e itseng (10 mg per kg) DDT e ka baka tjhefo bathong ka matshwao a latelang: ho tsekela, ho hlatsa le tsitsipano. Ka ditekanyo tse tlase, DDT e ka ama kgolo ya bana mme hape e amahangwa le kankere. DDT e thibetswe ka molao mona Afrika Borwa. Sehlopha se seng sa dibolayadikokwanyana seo ho nang le maikutlo a fapaneng ka tsona ke organo-phosphates. Dibolayadikokwanyana tsena di ne di sebediswa sebakeng sa DDT haesale ho ba e thibelwe ka molao. Ditsebi tse ding di dumela hore dibolayakokwanyana tsena di bakile le tshenyo e kgolo tikolohong ho ena le DDT le hore hape di na le tjhefo e ngata bathong le diphoofolong tse ding tsa dinyantshi. 

Dibolayadikokwanyana di tsamaiswa ha bonolo ke phula ho ya diphuleng le metsing a tlase moo di kenyang tjhefo ditlhaping le diphoofolong tsa lapeng. Dibolayadikokwanyana tse ngata di bolokwa bakeng sa nako e telele mmeleng ya diphoofolo mme di ka qetella di le nameng, tlhaping le lebeseng leo o le nwang Ditholwana le meroho e nyanyaditsweng ka dibolayadikokwanyana hape di ba le tjhefo bakeng sa matsatsi a mangata ha morao mme di lokelwa ho hlatsuwa hantle haholo pele di ka jewa.

Botsa ka tshebediso ya dibolayadikokwanyana sebakeng sa heno. Sheba ditlhapi kapa dinonyana tse kentsweng tjhefo. Ditlhapi le dinonyana tse shweleng di ba sesupo se setle sa tshilafatso ya dikhemikhale. Ha o belaela hore ho na le tshilafatso ya dibolayadikokwanyana, o lokela ho iteanya le ba lekgotla la motse wa heno ka potlako ka ho ya ka moo o ka kgonang. 

Dimethale Tse Boima 

Methale e boima e jwalo ka nickel, molybdenum, zinc, cadmium le lead e rashwa le ho sebetswa ke merafo le diindasteri tse qhibidihisang ore, tseo bongata ba tsona bo etsahalang Gauteng. Dimethale tsena di hlatsweha ha bonolo ho ya diphuleng le metsing a ka tlasa lefatshe. Copper le mercury ke dimethale tse ding tse boima, tse fumanwang ho di-fungicides. Di-fungicides hape di nyanyatswa dimeleng mme di hlatsweha ha bonolo ho ya dinokeng. Dimethale tsena tse boima di na le tjhefo bophelong ba diphedi ho kenyelletswa le batho ba lokelang ho nwa ho tswa dinokeng tse silafaditsweng. Dimela tse noseditsweng ka metsi a silafaditsweng le tsona di ka ba kotsi. Ka tsela e tshwanang le DDT, dimethale tse boima le tsona di ka bokellana mmeleng di bake matshwao a ho kenwa ke tjhefo. 

Nakong e fetileng, dihlahiswa tse nang le tjhefo di ne di lahlelwa dinokeng kapa dibakeng tseo ho lahlelwang matlakala tse haufi le moo batho ba phelang teng e be di baka mathata a bophelo ekasitana le ho hlokahala. Kajeno batho ba Afrika Borwa ba na le tokelo ya semolaotheo ya ho ba le tikoloho e bolokehileng. Etsa bonnete ba hore o dula o na le tsebo hape o beile leihlo hore o tle o thibele dikhemikhale tse nang le tjhefo hore di se ke tsa sebediswa tikolohong ya heno. Ha o belaela hore ho na le tshilafatso ya metsi sebakeng sa heno iteanye le lekgotla la motse la heno. 

Dihlahiswa Tse Nang Le Mathata

Bohle re ya e tseba tshenyo eo tshilafatso ya oli e e bakang mabopong a lewatle. Le ha ho le jwalo, bongata ba tshilafatso ya oli bo etsahala hape le ka hara naha. Peterole le diesel di bolokwa ditankeng tse ka tlasa mobu di-depot tsa peterole. Ha ditanka tsena di sa hlokomelwe ka nepo,tsona di ka petsoha e be di etsa hore peterole e dutle. Batho ba bangata hape ba bohlaswa haholo ha ba tjhentjha oli e tswang dikoloing tsa bona. Batho ba bangata ba tshela oli eo feela fatshe! Oli le peterole ena di hlatswa ke pula ho ya metsing a ka tlasa mobu. Metsi ana a ka tlasa maobu a qetella a hlahelletse didibeng le meqhafutsong. Nakong e fetileng, metsi a ka tlasa mobu a ne a nkuwa a hlwekile hobane a ne a se na dikhemikhale le dikokwanahloko, empa hona ho fetohile ka potlako. Metsi a ka tlasa mobu a a ntse a silafala le ho feta ka baka la palo ya dintho tse nang le tjhefo ho kenyelletswa le dibolayadikokwanyana, dihlahiswa tsa petroleum le dimethale tse boima. Afrika Borwa ke naha e ommeng mme jwalo ka ha palo ya batho e ya e ntse e hola, metsi a rona a ka tlasa mobu a ba a bohlokwa haholo. Kaofela ha rona re lokela ho sebeletsa ho boloka mohlodi ona o hlwekile ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang bakeng sa nako e tlang moo re tla o hloka e le ka nnete.

Chlorine Le Sesepa Sa Phoofo (Detergents)

Di-paper and pulp mills mmoho le difektheri tsa textile ke tse ding tsa disilafatsi tse kgolo tsa metsi. Di-paper and pulp mills di sebedisa palo tse hodimo haholo tsa metsi mme di hlahisa metsi a silafaditsweng haholo.. Metsi a ditshila a na le dikhemikhale tse matla tse jwalo ka chlorine, e sebediswang ho etsa pampiri hore e be tshweu le bonolo. Difektheri tsa textile le tsona di ntsha dikhemikhale tse matla tse jwalo ka caustic soda, diasete, di-dye le sesepa sa phoofo (detergents) metsing. Tjhefo tsena tse matla hape di baka hore dinonyane le ditlhapi di shwe ka tsela e tshwanang le ya ho bolaya ka tjhefo ya dibolayadikokwanyana. Dikhemikhale tsena hape di ba le tjhefo ka tsela e otlolohileng bathong. Botsa hore na ke indasteri efe e leng teng sebakeng sa heno le hore na e ntsha jwang metsi a yona a ditshila. O se ke wa nwa metsi a theosang ho tswa fektheri e ntshang metsi a ditshila ho ya nokeng. 

Hopola hore sesepa sa phoofo seo o se sebedisang lapeng se na le tjhefo jwalo feela ka dihlahiswa tse bolang ha di kopana le mobu (biodegradable). Bala leibole e sehlahisweng seo o se rekang, mme hona ho tla ho bolella hore na sehlahiswa se entswe ka eng le haebe se ka sebediswa ntle le mathata tikolohong. 

2. Menontsha le Swiritjhi 

Dikhemikhale tse ding tse jwalo ka menontsha di entswe ka dintho tse etsahalang ka tlhaho tikolohong, empa ka palo tse nyenyane. Ha menontsha e mengata e hlatswa ke metsi ho tswa mapolasing ho kena nokeng moo metsi ao le ona a tla silafatswa. Mantle a batho kapa a dikgomo a sa hlwekisweng le ona a baka tshilafatso ya metsi ka mokgwa o tshwanang le wa menontsha. Mantle a batho le ona a na ledikokwanahloko tse bakang malwetse a jwalo ka hepatitis le kholera. Sesepa sa ho hlapa le sesepa sa phoofo di na le dikhemikhale tsa tlhaho mmoho le tsa maiketsetso ka bobedi. Dikhemikhale tsa maiketsetso tse jwalo ka bleach le chlorine ho builwe ka tsona pejana. Dikhemikhale tsa tlhaho di ka baka bothata ba tshilafatso bo tshwanang le bo bakwang ke menontsha.

Di-phosphate le di-nitrate di fumanwa menontsheng, mantleng le sesepeng. Phosphorus ke elemente ya bohlokwa bakeng sa bophelo, ka bobedi jwalo ka phepo ya dimela le jwalo ka elemente ya bohlokwa tshebetsong tsa ho fetola dijo ho ba eneji tsa dintho tsohle tse phelang. Tekanyo e tlase ka tlwaelo ya phosphate (PO4) metsing e sitisa kgolo ya dimela empa keketseho e nyenyane ya phosphates e ka baka keketseho e potlakileng ya kgolo ya dimela jwalo ka blue-green algae le water hyacinth, haholoholo matamong. Dimela tsa metsing di a teteana e be di a shwa. Ha di shwa baktheria ya tsona e bolang e sebedisa oksejene e ngata e be e ama mefuta e meng ya bophelo hampe, mohlala, tlhapi di a bipelwa. Tshebetso ena e bitswa eutrophication, mme e ka eketswa ke dintho tse etswang ke batho, mohlala dikgwerekgwere tse tswang malapeng (haholoholo metsi a sesepa), menontsha ya polasing le ya jwanng, dikgwerekgwere tse tswang diindastering le ho sengwa ha meqhafutso. 

Nitrogen ka mofuta wa ammonia (NH3) le di-nitrate (NO3) di bopa karolo ya phepo ya dimela e ka bakang eutrophication. Ntlafatso ya nitrate ka tshilafatso ya dikgwerekgwere le menontsha ha e bohlokwa hakaalo jwalo ka ho di-phosphate hobane aquatic ecosystems ha e angwe haholo ke keketseho ya ditekanyo tsa nitrate. Nitrogen ka tlwaelo e etsahala ka mofuta oo dimela di ke keng tsa o sebedisa (mohlala, nitrogen gas), le ha ho le jwalo, e ka sebediswa ho bodisa dimela tsa metsing tse shweleng le ka blue-green algae e ka fetolang nitrogen moyeng ho ba ammonia le di-nitrate tseo dimela di ka di sebedisang. Ho tshepela ho ho hong hanyenyane hona ho bontsha ho rarahana ha dikamano tse ka hara aquatic ecosystem. Tsela e ntle ya ho thibela mofuta ona wa tshilafatso ke ho thibela dikgwerekgwere tsa batho, mantle a dikgomo le menontsha ho phallela ka dinokeng. 

Blue-Green Algae
Blue-green algae ke diphedi tse nyenyane haholo tsa dinokeng. E ntshetsa oksejene metsing, e nke phepo ya diminerale e be e hlahisa dintho tse kenang le ho tshehetsa dijo tikolohong ya metsing. Ha tshilafatso ya noka e eketseha ho ba le keketseho ya phepo. Hona ho baka keketseho e hodimo ya kgolo ya blue-green algae, e bitswang algal blooms. Di-bloom tsena di ba le sephetho hodima mmala, tatso le monko wa dinoka. Ha di teana le batho di-algal bloom tsena di ka baka ho kula, ho jwalo ka hayfever, lekgopho letlalong, ho tjhwatjhwasela ha mahlo, ho hlatsa, gastroenteritis, letshollo, feberu le mahlaba mesifeng le manonyeletsong.

3. Tshilafatso ya Metsi le Bolwetse 

Malwetse a mangata lefatsheng a amana le metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere. Bakeng sa ho kgaola saekele ya bolwetse, ho lokela ho ba le ntlafatso ya boleng ba metsi ao batho ba a sebedisang. Baahi ba bangata ba mahaeng mona Afrika Borwa ha ba na metsi a tsamayang ka dipompo, matlwana kapa di-latrine, mme ba sebedisa dibaka tsa metsi bakeng sa ho ithoma le ho rota. Hangata, moo ho nang le matlwana a mekoti, ona a ba dibakeng tse phahameng moo baahi ba yang ho ya kga metsi a bona teng. Tshilafatso ya metsi ka mantle e eketsa kotsi ya tshwaetso ya malwetse a fapaneng ho bao ba sebedisang dibaka tsena jwalo ka mehlodi ya metsi e tshehetsang bophelo ba bona. Metsi a ka tlase ho lefatshe, ao e leng mohlodi o mong wa metsi, a ka silafatswa ke metsi a sa hlwekang a ho nosetsa. Malwetse a amanang le metsi a ka hasana ka ditsela tse ding, tseo hape di amang baahi ba ditoropong, jwalo ka ho longwa ke dikokwanyana le mokgwa wa bohlweki o fokolang.

Le ha ho na le a mangata a mang, ana ke a malwetse a amanang le metsi a tlwaelehileng haholo mona Afrika Borwa: 

Bilharzia

Hona ho etsahala, jwalo ka malwetseng ohle, ka saekele ka pharasaete le diphedi tse fapaneng tseo e kenang ho tsona. Bilharzia e etsahala feela dibakeng tseo ho tsona maemo a loketseng pharasaete hore e kgone ho phetha saekele ya yona ya bophelo. Pharasaete e seng e hodile ke seboko se phelang ka hara senya kapa mala a motho (e leng sona sephedi se seholo seo e kenang ho sona). Di a kopana ka hara mmele e be di ntshetsa mahe morotong kapa mantleng a sephedi seo di keneng ho sona. Ha motho ya tshwaeditsweng a ithoma kapa a rota ka metsing, mahe a qhotsa mofuteng wa ho sesa wa pharasaete. E be e phunya mmele wa kgofu (sephedi se mahareng seo e kenang ho sona). Dikgofu di rata metsi a tsamayang butle a nang le dimela tse ngata. Mona pharasaete e fetola sebopeho sa yona e be e tswa ka metsing hape. Ona ke ona mohato oo e tshwaetsang batho. Ha motho a ka teana le metsi a nang le tshilafatso pharasaete e tla kena letlalong la hae e be e tsamaya ka madi ho baka ho kula. Matshwao a mang a Bilharzia: lekgopho le hlohlonang, hlooho e opang, mpa e bohloko, letshollo, tshwaetso tsa senya, feberu, sebete le methapo e ruruhileng. Ka hara Afrika Borwa, Bilharzia e fumanwa haholo Provinseng ya Limpopo, Mpumalanga le KwaZulu-Natal.

Malaria

Mona Afrika Borwa Malaria e hlokometswe haholo. Bolwetse bona, bo hlahang hape jwalo ka saekele, bo bakwa ke pharasaete e fetiswang ke diphedi tse ding tsa menwang e metshehadi. Mongwang o motshehadi o hloka madi hore o fumane eneji e lekaneng le phepo hore o behele mahe. Ha monwang o loma motho, o hlaba mathe a ona mading ho thibela madi hore a se ke a hlweba. Ha monwang o na le tshwaetso ya pharasaete ya malaria, pharasaete e tla tswa matheng a monwang ho kena mading a motho. Pharasaete eo e tsamaya mmeleng e be e ilo kena diseleng tse kgubedu tsa madi. Disele tse kgubedu tsa madi qetellong di a phatloha e be di ntsha pharasaete mading moo e seng e loketse ho monywa ke monwang o mong. Menwang e behela metsing, haholoholo matamong, diphuleng, ditankeng tsa metsi, dithaereng tsa kgale tsa dikoloi le dinthong tse nang le mekoti tse kgonang ho tshwara metsi, jwalo ka makotikoti. Tsela e ntle ya ho itshireletsa kgahlanong le Malaria ke ya ho se siye matlakala a tletse hohle, le ho thibela hore o se longwe ka ho apara diaparo tsa matsoho a matelele le ho tlotsa meriana e balehisang dikokwanahloko letlalong la hao, haholoholo bosiu. Matshwao a mang a Malaria: Feberu, hlooho e opang, letshollo, ho feroha, mahlaba manonyeletsong le mesifeng, ho thothomela, ho fufulelwa le mokgathala. Malaria e hasana haholo Provinseng ya Limpopo, Mpumalanga, Leboya ho KwaZulu–Natal le dikarolong tsa Kapa Leboya.

Cholera

Kholera ke bolwetse bo bakwang ke baktheria (Vibrio cholerae) e hasanang metsing a silafaditsweng ka mantle a tswang mothong ya tshwaeditsweng. Baktheria e hlahisa tjhefo e bakang hore mala a manyenyane a ntshe palo e ngata haholo ya mokedikedi, mme hona ho baka tahlehelo ya mokedikedi mmeleng, ke hore, letshollo le ho hlatsa. Batho ba sa hlapeng matsoho a bona ha ba tswa ntlwaneng ba ka hasa bolwetse. Bona bo ka hasana hape ha mantle a motho a sebediswa ho ba monontsha ya dimela tsa meroho. Ho bohlokwa ho hopola hore le ha motho a sa bontshe matshwao a bolwetse, yena e ka nna ba o ntse a tshwaeditswe mme a ka hasana bolwetse. Kholera e ka fumanwa dibakeng tse ngata moo ho nang le tsamaiso ya dikgwerekgwere e fokolang. Matshwao a mang a Kholera: letshollo le ho hlatsa. Batho ba nang le bolwetse ba lokela ho nwa metsi a mangata a hlwekileng ho thibela hore mmele ya bona e se fellwe ke metsi.

Dintho tsa Bohlokwa tseo O ka di Etsang ho Fokotsa Kotsi ya Bolwetse 

  • O se ke wa rota kapa wa ithoma haufi le mehlodi ya metsi;
  • Hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi ha o tswa ntlwaneng;
  • O se ke wa nwa metsi ao o nahanang hore e ka nna ba ha a hlweka – a bedise ha o se na bonnete;
  • Hlatswa ditholwana le meroho yohle hantle pele o di ja mme o se ke wa pheha ka metsi a sa hlwekang;
  • O se ke wa siya ditshelo tse se nang letho kapa matlakala a mang a tletse hohle hore dikokwanyana tse fetisang malwetse di se ke tsa behela ho ona;
  • Ha le na le dibaka tsa matlwana a mekoti, etsa bonnete ba hore di ba hole le mehlodi e sebedisetswang ho nowa le ho hlapa. Ntlwana ya mokoti e se ke ya fihla metsing a ka tlase mobung.

See also

Rural Water Purification
Water Pollution and Your Health
Water Situation in South Africa